Lefapha la Bonono le Setho
MORALO WA NAHA WA LEANO LA PUO
Moralo wa ho Qetela
DIKAHARE
TLHEKELO KA LETONA LA BONONO, SETHO, SAENSE LE
THEKENOLOJI 3
LENANE LA DIKGUTSUFATSO 4
KAROLO YA 1 MOTHEO LE MAEMO 5
Selelekela 5
Boemo Nalaneng 6
Boemo Molaong 6
KAROLO YA 2 DINTLHA TSA SEHLOOHO TSA LEANO 8
Merero 8
Metheo 8
Mokgwatshebetso 9
Bonamo ba leano 9
KAROLO YA 3 KAHO YA BOKGONI BA BATHO 12
KAROLO YA 4 MAANO A HO KENYA TSHEBETSONG 13
TLOTLONTSWE 15
TLHEKELO KA LETONA LA BONONO, SETHO, SAENSE LE THEKNOLOJI, NGAKA B S NGUBANE
Puo ya motho ka mekgwa e mengata ke ?letlalo la hae la bobedi?; thepa ho latela tlhaho ya motho, eo ka yona re hlahisang tseo re di habileng le mehopolo, ho ntsha maikutlo le makgabane a rona, ho hlahloba boiphihlelo le meetlo ya rona, le ho aha setjhaba le melao e se laolang. Ke ka puo re kgonang ho sebetsa jwalo ka batho lefatsheng le fetohang mehla ena. Tokelo ya ho sebedisa dipuo tsa semmuso tsa boikgethelo ba rona e a hlahella Biling ya Ditokelo, mme Molao wa rona wa Motheo o dumela hore dipuo tsa batho ba rona ke mohlodi oo re lokelang ho o laola le ho o sebedisa.
Ke motlotlo ka tsela e ikgethang hore, qetellong ya ditherisano, re be re kgona ho phatlalatsa moralo wa leano la puo wa Afrika Borwa. Sena ke ho phethela tshebetso e qadileng ka 1995, ha ke ne ke thonya Sehlopha sa Tshebetso sa Moralo wa Puo (STMP) ho nkeletsa ka moralo o kopaneng wa leano la puo. Mohato ona e bile wa bohlokwa ho latela ho hloka mamellano ya ho fapana ha dipuo le maikutlo a reng ?tshebediso ya dipuo tse fapaneng e ja tjhelete e ngata? a bonahalang a hlahella ka hara dikarolo tse itseng tsa setjhaba, le nyefolo e atileng ya tshekamelo ya tshebediso ya puo e le nngwe Afrika Borwa ya batho ba nang le tjantjello le ngongoreho ka puo ya bona.
Moralo wa Naha wa Leano la Puo o thehilwe hodima sephetho sa ditherisano tsa rona, bobedi STMP le boiteko ka mora moo, ba Lefapha la ka tshebedisanong le Leano la Moifo wa ka wa Boeletsi Leanong la Puo. Moralo wa leano ke wa motheo tsamaisong ya mehlodi ya rona ya puo le katleho ya mmuso sepheong sa ona sa ho kgothalletsa demokrasi, toka, tekano le kopano ya setjhaba. Ke ka moya ona ntshetsopele ya dipuo tsohle tsa semmuso tse 11 tsa naha ya rona e leng mokokotlo wa leano jwalo ka ha ho hlophilwe Molaong wa Motheo.
Moralo ona wa Leano o hlokometse ntlha ya hore bohlokwa ba maleme a rona bo sutjwa ke tshebediso ya ona moruong, kahisanong le dipolotiking. Ha puo e lahlehelwa ke bohlokwa ba yona dikarolong tsena, maemo a yona a theoha. Moralo wa Leano o boetse o hlokometse le hore re tobane le phephetso boemong ba lefatshe ka kakaretso le hore dipuo tsa rona tsa selehae di lokela ho ba karolo ya tikoloho e atolohang ka potlako ya theknoloji. Ke kahoo o reretsweng ho tiisa maemo le tshebediso ya maleme a selehae a Afrika Borwa.
Ke tshepa ke tiile hore baahi bohle ba Afrika Borwa ba tla amohela Moralo ona wa Leano la Puo wa Naha jwalo ka wa bona. Ke dumela hore ka kopanelo re lokela ho netefatsa hore leano e ba ntho ya nnete maphelong a rona, o tiisa le ho re etsa motlotlo ka borona bo ikgethang ba ho ba MaAfrika Borwa.
LENANE LA DIKGUTSUFATSO
LBS Lefapha la Bonono le Setho
TPB Theknoloji ya Puo ya Batho
LPT Leano la Puo Thutong
MDNB Moralo wa Ditjeho tsa ka Nako e Bohareng
DNP Ditshebeletso tsa Naha tsa Puo
LDTAB Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa
LNAB Lekgotla la Ntshetsopele ya Afrika e ka Borwa
LDAB Lekgotla la Dithuto la Afrika Borwa
PMAB Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa
DBMAB Ditshebeletso tsa Botoloki ka Mohala tsa Afrika Borwa
KAROLO YA 1: NALANE LE MAEMO
Selelekela
Ke dipuo tse ka bang 25 tse buuwang Afrika Borwa, tseo tse 11 tsa tsona di fuweng maemo a ho ba tsa semmuso ho latela Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo, Molao wa 1996 (Molao wa 108 wa 1996), ka baka la hore tshebediso ya tsona e kenyelletsa 98% ya baahi bohle ba naha.
Afrika Borwa ke naha e sebedisang dipuo tse ngata. Ntlha e hohelang maikutlo ka ho fetisisa ka dipuo tse ngatangata tsena tsa Afrika Borwa ke hore bongata ba dipuo tsa selehae di buuwa ho tshela le meedi, di arolelanwa ke batho ba diprovense tse fapaneng.
Ha jwale ho na le ntlha e hlokometsweng haholo ya tlhokeho ya ho tiisa diteko tsa ho ntshetsapele dipuo tsa selehae tse neng di tinngwe menyetla ho le kgothalletsa boemo ba puo tse ngata ha e ba e le hore baahi ba Afrika Borwa ba tlameha ho lokollwa ho itshetleheng ho sa hlokeheng tshebedisong ya dipuo tseo e seng tsa selehae jwalo ka tse phahametseng tse ding, tsa semmuso tsa mmuso.
Ho fihlela fihla jwale tsamaiso ya phapang dipuong Afrika Borweng e se nang kgethollo e sitisitswe ke ho se be teng ha leano la puo le hlakisitsweng hantle, ho lebisitseng ho sebedisweng ha Senyesemane le Seburu e le tse phahametseng tse ding moruong wa setjhaba le dipolotiking tsa setjhaba sa rona.
Ka mora dilemo tse robedi tsa demokrasi, Afrika Borwa e fihlelletse ntlha e bohlokwa ka ho fetisisa nalaneng ya baahi ba Afrika Borwa moo ba lokelang ho ba le boikarabelo ba phapang ya puo le setho sa bona le diphephetso tsa dipuo tse ngata tsa molao wa motheo, ke ka hona ho ileng ha etswa tsebiso ya Moralo ona wa Leano la Naha la Puo.
Moralo wa Leano ha o sibolle feela mokgwa wa ho sebetsana le dipuo tse ngata Afrika Borwa empa o kgothalletsa ka matla tshebediso ya dipuo tsa selehae jwalo ka dipuo tsa semmuso hore ho ntshetswepele le ho kgothalletsa kopano naheng. O hlokometse le kamohelo ka bophara ya dipuo tse ngata, toka setjhabeng, molawana wa phumantsho e lekanang ya ditshebeletso le mananeo a setjhaba, le tlhompho ya ditokelo tsa puo.
Tokomane ena e beha moralo o dumellang tshebediso e kopaneng ya dipuo tse ngata e teng tataisong ya Molao wa Motheo.
Boemo nalaneng
Ho tloha mohlang ho ne ho fihla Madatjhe Afrika Borwa ka 1652, ho ya ka puso ya dilemo ka tatellano ya Mabrithani, Kopano ya Afrika Borwa, le ka mora moo, ho thehwa ha mmuso wa kgethollo le Rephaboliki ya Afrika Borwa, mme ka ho fihla ha demokrasi ka 1994 le dipehelo tsa Molao wa Motheo wa kananelo ya boemo ba semmuso ba dipuo tse ngata, leano la mmuso la puo le boraditjhelete ba matla di ile tsa hloleha ho ananela ho ba teng ha dipuo tse ngata Afrika Borwa.
Maemo ana a ile a etsa hore ho be le ho se lekane ha dipuo le hore dipuo tse ding di okamele tse ding moo dipuo tsa Senyesemane le Seburu di qadileng ka kamano ya ho se lekane pakeng tsa tsona le tsa Afrika.
Ka tsela e jwalo, maano a bokoloniale le kgethollo, ha mmoho le a sepolotiki le moruo wa setjhaba, a ile a etsa hore ho be le kgolo ya ho se lekane ha dipuo, e bontshang ho phahamelana ha dipuo, ho se lekane ho hlahellang maemong a borabe le dihlopha tseo e bileng letshwao la setjhaba sa Afrika Borwa.
Diketso tsena kaofela di ile tsa tsosa boemo bo ileng ba latela ba dipuo tsa selehae le batho ba dipuo tse fapaneng tsa Afrika hammoho le tse ding tsa dihlopha tse tinngweng meyetla ho kenyelletswa Ditholo le Difofu ? ho bakileng kgatello ya tshebediso ya mefuta e sa fetoheng ya dipuo tsa Afrika, tse sa tsejweng, e seng feela ke ba buang Senyesemane le Seburu empa le ke bongata ba dibui tsa puo tsa Afrika ka botsona.
Maemo a rarahanngwa ke ntlha ya hore, ka baka la tlhokeho ya ponelopele le taolo ka lere la tshepe ntlheng ya ho sebediswa ha dipuo tse ngata, ditsha tsa setjhaba le tsa poraefete di na le tlwaelo ya ho etsa diqeto tsa nakwana ka ha puo tse sa dumellaneng le dipehelo tsa molao wa motheo le ditlhoko tse mabapi le dipuo.
Boemo molaong
Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo e na le dipehelo tsa sehlooho tsa moralo wa semolao bakeng la dipuo tse ngata, ntshetsopele ya dipuo tsa semmuso le phahamiso ya tlhompho le mamellano bakeng la diphapang tsa puo Afrika Borwa. E hlalosa ditokelo tsa puo tsa baahi, tse lokelang ho hlontjhwa ka maano a naha a puo.
Molao wa Motheo o hatella hore dipuo tsohle tsa semmuso di lokela ho fuwa ?tlhompho e lekanang? mme di tshwarwe ka ho lekana, ka ho etsa jwalo ho ntlafatswe maemo le tshebediso ya puo tsa selehae, ka mmuso o tlang ho kenya ?melao le maano a mang ho laola le ho beha leihlo tshebediso ya dipuo tsa selehae tse se nang menyetla?.
Molao wa Motheo o fana ka matla maemong ohle a tshebediso ya puo naheng ka bophara, o fana ka tlhompho setjhabeng le dipolotiking ho dihlopha tsa puo tse hlokileng menyetla ka ntlha ya ?ditlhoko tse hlalositsweng tsa setjhaba le dihlopha tse nang le maikutlo a tshwanang?.
Karolo ya 6 ya Molao wa Motheo e batlana le mekgwa e ka sebediswang ya ho ntshetsapele dipuo tsena tsa selehae.
Karolo 6 le di na le dipehelo tse mabapi le puo bakeng la mmuso wa naha le diprovense, moo e leng hore mafapha a mmuso a lokela ho sebedisa bonyane dipuo tse pedi tsa semmuso.
Ho kgothalletsa dipuo tse fapaneng ho feta, karolo ya 6 e na le dipehelo tsa ho thehwa ha Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (LDTAB) ho kgothalletsa dipuo tsohle le ho bona hore ho ba le ntshetsopele le tshebediso e seng feela ya dipuo tsa semmuso, empa le tsa Khoi, Nama le San, hammoho le Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa. LDTAB e tla jala tlhompho bakeng la Dipuo tsa Bojalefa tse buuwang ke dikarolo tse itseng tsa setjhaba sa rona, le bakeng la dipuo tse sebedisetswang sedumedi.
Dipehelo tse ding tsa dintlha tsa puo di teng kaekae Molaong wa Motheo. Karolo ya 9 e fana ka tshireletso kgahlano le kgethollo e seng molaong ho latela puo, ha dikarolo 30 le 31 di le mabapi le ditokelo tsa batho ho latela setho, bodumedi, le tshebediso le ho thabelwa ha puo. Karolo 35 le di mabapi le ditokelo tsa puo tsa batshwaruwa, ba kwalletsweng le baqosuwa, ka kgatello e ikgethang ya tokelo ya nyewe e hlokang leeme ka kopano e tshwarwang kapa e tolokwang ka puo ya boikgethelo ba motho.
Lefapha la Thuto (LT) le kentse ?Leano la Puo Thutong? (LPT), le hatellang tshebediso ya dipuo tse ngata jwaloka katoloso ya bongata ba ditho le leo e leng karolo ya bohlokwa kahong ya Afrika Borwa e se nang morabe. Motheo o ka sehloohong ke ho boloka puo ya ka lapeng ya moithuti e le yona ya ho ithuta le ho ruta, empa baithuti ba kgothalletswa ithuta dipuo tse ding. LPT sebetsana le dintlha tse kang puo ya ho ithuta le ho ruta dikolong tsa setjhaba, mananeothuto a sekolo le mesebetsi e mabapi le puo ya mafapha a diprovense a thuto le makgotla a tsamaiso ya dikolo.
Molao wa Motheo le melao e tshwanang le ona e sebeletsa ka ho hlaka ka kgothalletso ya dipuo tse ngata ka hara Afrika Borwa. Moralo ona wa leano o lokela ho sebeletsa ho kopanngwa ha leano la puo ka ho phethahala maemong ohle a mmuso le ho beha ka ho hlaka maemo a leano ka maemo le tshebediso ya puo tsa selehae diprovenseng tsohle tse robong tsa Afrika Borwa.
KAROLO YA 2: DINTLHA TSA SEHLOOHO TSE MABAPI LE LEANO
Merero
Leano la puo le ela hloko dipehelo tsa molao wa motheo mabapi le dipuo tse ngata mme le sebetsa ho latela merero ya mmuso ya moruo, dipolotiki tsa setjhaba le kgolo thutong. Merero ya lona ke-
ho kgothalletsa tekano tshebedisong ya dipuo tsohle tse 11;
ho tsamaisa phihlello ya ditshebeletso tsa mmuso, tsebo le tlhahisoleseding;
ho netefatsa tlhabollo ya dipuo tsohle tsa semmuso tsa selehae tse neng di tinngwe menyetla;
ho thakgola le ho ntshetsapele puisano le ba sebedisang puo mabapi le dipuo tse ngata;
ho kgothalletsa ho ithuta dipuo tse ding tsa semmuso tsa selehae hore ho kgothalletswe kopano setjhabeng, tshebedisano puong le sethong; le ho kgothalletsa tsamaiso e loketseng ya puo bakeng la tsamaiso ya ditshebeletso tsa setjhaba hore ho tle ho fihlellwe ditebello le ditlhoko tsa setjhaba.
Metheo
Leano la puo le theilwe hodima metheo e latelang:
boikitlaetso ho phahamisweng ha tekano puong le ditokelong tsa puo jwalo ka ha ho hlokeha naheng ya demokrasi;
ho hlokomeleng hore dipuo ke mehlodi ya ho beha tsebo sehlohlolong, bokgoni le tshebetso e felletseng dipolotiking le moruong wa setjhaba;
ho sebetsa ka kopanelo ho kgothalletsa dipuo tse ngata ho ya ka molao wa motheo;
ho thibela ho sebedisa puo le ha e le efe bakeng la tshebetso, ho okamela le kgethollo; le ho eketsa tshekamelo ka bathong ha ho buuwa ka tse molemong, ditlhoko le ditebello tsa ho phatlalla le batho ba sebetsang ka puo ka ditherisano.
Mokgwatshebetso
Mokgwatshebetso o hlokometse tse latelang:
Ho kgothalletsa dipuo tse ngata tsa Afrika Borwa ho hloka diteko tse sa nyatseng tsebo e seng e le teng setjhabeng moo dipuo tsa semmuso tsa selehae di leng ngata teng. Sena se tla tsamaiswa ka tshebediso le seabo sa setjhaba tshebetsong ya ntshetsopele ya puo.
Ho lebelletswe ho rerisana le ditsebi tsa puo ho thusa ntshetsopeleng ya mananeo a tshebediso ya puo tse ngata ka ho etsa diphuputso le ho ntshuwa ha tsebiso ka tsona.
Ho tsamaisa tshebedisano le karolelano ya boikarabelo pakeng tsa dinaha tseo e leng ditho tsa LNAB ho tla matlafatsa ntshetsopele ya puo.
Ho tla ba bohlokwa ho lekola botjha leano hore ho behwe leihlo kgatelopeleng e lebisang setjhabeng sa dipuo tse ngata ka ho phethahala.
Mokgwatshebetso o thehilweng ka setjhaba ho phahamisweng ha dipuo tse ngata ke ntho e ka kgonehang ka ho fetisisa, ha ho shejwa hore Afrika Borwa ke naha ya batho ba bangata. Ho lokela ho ba mokgwatshebetso o phatlalladitsweng le o etsang hore moralo wa puo le ho kenngwa tshebetsong ha leano la puo, ho kenyelletsang tsebo ya theknoloji ho fana ka tsebo le bokgoni ba mosebetsi.
Bonamo ba leano
Bonamo kapa dipehelo tsa leano di ka mokgwa o latelang:
Makala a mmuso ohle (naheng, provenseng le mmusong wa lehae), ha mmoho le ditsheng tse nang le matla setjhabeng kapa tse nang le mosebetsi setjhabeng ho latela molao, di tlanngwa ke Moralo ona wa Leano la Puo.
Ho phahamiseng dipuo tse ngata, diprovense di tla rala maano a tsona ho latela ditataiso tse leng Moralong ona wa Leano, ho ntse ho shejuwe mabaka a tikoloho, ditlhoko tsa setjhaba le tse ka sehloohong ho sona, jwalo ka ha ho hlahella Molaong wa Motheo.
Mebuso ya mahae e tla kgetha puo e tlang ho sebediswa le ya kgetho ya setjhaba sa yona ka hara moralo wa leano la puo la provense o etsang hore ho be le kgonahalo e jwalo. Ha ho se ho kgethuwe puo e tlang ho sebediswa le ya kgetho ya setjhaba, mebuso ya mahae, ka puisano le setjhaba sa yona, e lokela ho ntshetsapele, ho phatlalatsa le ho kenya tshebetsong leano la dipuo tse ngata.
Dipuo tsa semmuso di tla sebediswa ho latela pehelo tsa molao, mererong yohle ya semmuso, ho kenyelletsa kgatiso ya dibuka tsa Hansard, e le ntlha ya tokelo: Ha feela ntlheng ya makgotla a ketsamolao a provense, mabaka ho latela tikoloho etsa hore ho kgethwe hore na ke (di)puo dife tse ka sebediswang.
Mmuso o tla kgothalletsa, mme moo ho hlokehang tshehetso, makala a poraefete ho ntshetsapele le ho kenya tshebetsong maano a ona a puo a ntse a ikamahantse le moralo wa naha wa leano la puo.
Ho kgothalletsa dipuo tse ngata leano lena le kgetha ho sebedisa dipuo tse fapaneng makaleng a mmuso ka mokgwa o latelang:
(Di)puo tsa/ya tshebetso/rekoto: Ka tumellano, lekala ka leng la mmuso le lokela ho dumellana ka puo ya tshebetso (bakeng la bobedi puisano ka hare le ka ntle ho lefapha), ha feela moo ho kgonehang ho se na motho ya tlang ho thibelwa ho sebedisa puo ya hae kapa ya kgetho ya hae. Bakeng la ho ka tshwara dikopano kapa mesebetsi e itseng ka ho qolleha, ho lokela ho etswa matsapa ohle ho sebedisa mekgwa ya ho tsamaisa puo e kang phetolelo le/kapa ho toloka (bobedi ka tatellano le hanghang, ha mmoho le ho toloka ka ho nyenyetsa) moo ho ka kgonehang teng.
puisano le setjhaba: Bakeng la dikgokahano tsa semolao, puo ya kgetho ya moahi e lokela ho sebediswa. Puisanong ka molomo yohle e lokela ho etswa ka puo ya kgetho ya bamamedi bao ho buuwang le bona. Ha ho kgoneha, matsapa a lokela ho etswa ho sebedisa ditshebeletso tsa ho kgonahatsa puo tse tshwanang le ho toloka (ho tlwaelehileng, hwa hanghang, ka fonofono kapa ho nyeyetsa) moo ho kgonehang.
Dikgatiso tsa mmuso: Lenaneo la dikgatiso tsa tshebediso ya dipuo tse ngata di lokela ho latelwa ke mafapha a naha a mmuso maemong ao e leng hore ha ho hlokehe kgatiso ka dipuo tsohle tse 11.
Moo e leng hore ho na le tshebetso e phethahetseng le e tsitsitseng mmusong maemong le ha e le afe, ho hlokeha phetiso ya tlhahisoleseding ka botlalo, e lokelang ho hatiswa ka dipuo tsohle tse 11 diprovenseng, ka dipuo tsohle tsa semmuso tse boletsweng.
Moo e leng hore ditokomane tsa mmuso ha di na ho ba teng ka dipuo tse 11 tsohle tsa semmuso, mafapha ohle a mmuso wa naha a lokela ho phatlalatsa ditokomane hanghang ka bonyane dipuo tse tsheletseng. Kgetho ya dipuo e tla ba ka mokgwa o latelang:
Tshivenda;
Senyesemane; le
Molawana wa tshebetso ka ho potoloha o lokela ho sebediswa ha ho kgethwa dipuo tseo ho tlang ho hatiswa ditokomane tsa mmuso ka tsona dihlopheng tsa puo tsa Nguni le Sesotho.
Puisano boemong ba matjhaba: Puisano mmusong boemong ba matjhaba e tla etswa ka Senyesemane kapa nakwana, e tla etswa ka puo e kgethilweng ke naha e amehang.
KAROLO YA 3: KAHO YA BOKGONI BA BATHO
Ho kenngwa tshebetsong ha leano la puo ho tla eketsa tlhokeho ya mosebetsi wa ho fetolela le tlhophiso ha mmoho le ditshebeletso tsa ho toloka, haholoholo dipuong tsa selehae. Tsebo e tebileng ya phetolelo dipuong tsena e tla lokela ho eketswa ka bobedi mafapheng a mmuso le boemong ba poraefete, k.h.r. ba batho ba itshebetsang puong jwalo ka bafetoledi, bahlophisi le ditoloko. Tlhokeho e eketsehileng ya ditshebeletso tsa basebetsi ba seprofeshenale ba puo e tla hloka kwetliso boemong bo hodimo bakeng la tsebo ya mosebetsi.
Ho thehwa ha diyuniti tsa puo lefapheng ka leng la mmuso le provenseng kang ho tla ba le kgahlamelo mesebetsing ya Ditshebeletso tsa Naha tsa Puo (DNP) ka bophara. DNP di tla lokela ho tsamaisa botsamaisi ba ho kenngwa tshebetsong ha leano ka ho tsamaisa kwetliso bakeng la basebetsi ba yuniti ya mesebetsi ya thero ya puo le tshehetso ya mananeo a diyuniti tsena. DNP e tla lokela ho boela e jara boikarabelo ba ho tsamaisa ntshetsopele ya mananeo a ntshetsopele bakeng la bafetoledi, bahlophisi le ditoloko, le ho theheng ditataiso tsa tshebetso dintlheng tse mabapi le boleng.
Dintlha tsa thuto ya tlotlontswe le tlotlontswe ka boyona le tsona di tla ameha. Keketseho mosebetsing wa ho fetolela e tla hloka ntshetsopele e eketsehileng ya tlotlontswe dipuong tsa semmuso le Banka ya Tlotlontswe ya Naha e fihlellehang ho bobedi mmuso le basebetsing ba itshebetsang ba puo.
Phihlello ya lekala la theknoloji ya puo ya batho (TPB) (mohlala ke phetholelo ka thuso ya motjhini, polokelo ya phetolelo, sesebediswa sa tlhahlobo ya mopeleto) bakeng la dipuo tsa selehae e tla ba le karolo ya bohlokwahadi tshehetsong ya tsamaiso ya mesebetsi e mabapi le puo.
Ho kgethwa ha boholo ba diyuniti ho tla etswa mme kwetlisetso ya tsebo ya mosebetsi ntlheng ena e tla behwa ka sehlohlolong ka mora ho lekola lenane la dipuo tsa semmuso tse lokelang ho etswa. Diyuniti tse sebedisang batho ba bane kapa ho feta ba profeshenale, di tla hloka ditlereke.
Kaho ya bokgoni ba mosebetsi dibakeng tse hlwailweng tsa tsamaiso ya puo e tla etswa ka tshebedisano e matla le ba fanang ka ditshebeletso ba kang ditsha tsa thuto e phahameng tse fanang ka mananeo a ananelwang ke LDAB le dithuto tshebedisong ya puo, phetolelo le bohlophisi, ho toloka, thero ya puo, thuto ka tlotlontswe le thuto ka ho ngolwa ha bukantswe.
KAROLO YA 4: HO KENNGWA TSHEBETSONG HA MAANO
Ho kenngwa tshebetsong ho tswelang pele ha leano nakong e kgutshwane, bohareng le e telele ke lewa le ratwang maemong ohle.
Mabapi le kgatiso tsa mmuso, ho kenngwa tshebetsong ho tla etswa ho latela maemo le ka ho phethahala ke makala a mmuso bonyane nakong ya dilemo tse tharo. Molemo wa mokgwa wa ho a kenya tshebetsong hanyane ka hanyane ke hore mafapha a tla kgona ho eketsa ntshetsopele ya bokgoni ba mosebetsi le ho tsamaisa mosebetsi wa ho a kenya tshebetsong ka ho phethahala.
Makala a mmuso a tla ba le nako ya ho rala ditekanyetso tsa ona a ntse a di eketsa hanyane ka hanyane nakong ya MDNB le ho rala mekgwatshebetso ho latela mehlodi e hlokehang ho etsetsa katleho ho kenngweng ha leano tshebetsong.
Ho beha leihlo mekgwa ya ho netefatsa phetolelo e nang le boleng le ditshebeletso tsa bohlophisi di tla ntshetswapele.
Ka tshebedisano le LDTAB, Lefapha la Bonono le Setho di tla beha tshebetso leihlo mme di tla fana ka tlaleho nakong tse behuweng ho baokamedi ba loketseng.
Tekolobotjha ya leano e tla etswa kgafetsa mme dikgothalletso di etswe bakeng la ditokiso moo ho leng bohlokwa hore ditekanyetso di eketswe ka nepo.
Disebediswa tse hlokehang hore leano le tle le kenngwe tshebetsong. Sena se tla kenyelletsa ho thehwa ha diyuniti tsa puo mafapheng ohle a naha le diprovenseng ho tsamaisa-
puisano ka molomo ka hara lefapha le mafapheng a mang a maemong ohle a mmuso;
puisano ka mangolo ka hara lefapha le mafapheng a mang maemong ohle a mmuso;
puisano ka molomo le setjhaba;
puisano ka mangolo le setjhaba; le puisano boemong ba matjhaba moo ho lokelang.
Mekgwa e meng ya ho a kenya tshebetsong e tlang ho sebediswa ke Metheo ya Boitshwaro ya Basebeletsi ba Mafapha a Setjhaba, ho thehwa ha Lekgotla la Basebetsi ba Puo la Afrika Borwa, Ditshebeletso tsa Botoloki ka Mohala tsa Afrika Borwa (DBMAB), ntshetsopele ya mawa a dipuo tse neng di tinngwe menyetla pele le Leano la TPB.
Boikarabelo ba tlatsetso ba mmuso mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha leano la naha la puo bo ka mokgwa o latelang:
Ho tshehetsa ntshetsopele ya basebetsi ba hlokehang bakeng la ho ka kenya tshebetsong dipuo tse ngata ka katleho;
taolo ya profeshene ya tsamaiso ya puo, e leng phetolelo, botoloki le tlotlontswe, ka ntlafatso le melao e loketseng.
tshehetso ya diteko le/kapa mananeo a ho ntlafatsa dipuo tsa selehae tse neng di tinngwe menyetla, k.h.r, dipuo tsa Afrika le dipuo tsa Khoi, San le Nama, ha mmoho le puo ya Matsoho ya Afrika Borwa; le tshehetso ya ho ithuta le ho ruta dipuo tsohle tsa semmuso mekatong yohle ya sekolo.
TLOTLONTSWE
bopuopedi
Ketso ya ho sebedisa dipuo tse pedi e seng ha kaalo ka bokgoni bo lekanang mahlakore ka bobedi ntshetsopele ya puo
Ho phahamiswa ha puo ka dipapetla, tekanyo le tlhaloso ya mesebetsi hoo puo e ka sebediswang ditabeng, thutong, molaong le tsamaisong, jj. le ho fana ka bonamo bo akaratsang ba phatlalatso ya dibuka ka puo eo.
tlhophiso
Ho etsa ditokiso puong le/kapa mokgweng wa ho ngola dingolweng.
tekano
Boleng ba toka, tlhokeho ya tshekamelo; tshebetso e lekaneng; se hlokang leeme le ho loka.
tshebediso ya puo tse ngata
Sena se supa kgetho ya (di)puo e itseng boemong bo ikgethileng, e etswang ka baka la maemo ao puo e sebediswang ho ona, k.h.r. mosebetsi, bamamedi le molaetsa oo e o sebedisetswang dipuo tsa Bojalefa
Dipuo tseo e seng tsa selehae tsa naha empa tse tlileng le melata.
dipuo tse neng di hloka menyetla ho latela histori
Boemong ba Afrika Borwa, tsena ke dipuo tse ileng tsa fuwa maemo a tlase ke dithlopha tsa tse matla le tseo, ka lebaka leo, di neng di sa sebedisetswe kapa ho ntlafatswa hore di ka sebedisetswa ditaba, thuto (ka mora poraemari e tlase sekolong), kapa dibakeng tse loketseng moruo wa setjhaba. Ho bile le tshehetso e nyane e fuwang ntshetsople ya bonono ba ka molomo dipuong tsena. Di kenyelletsa dipuo tsa selehae, bojalefa le PMAB.
theknoloji ya puo ya batho
Tshebediso ya tsebo ya puo ntshetsopeleng ya ya tshebetso ya khompyuta tse ka kgonang ho hlwaya, ho utlwisisa, ho hlalosa, le kgodiso ya puo ya batho ka mahlakoreng ohle, k.h.r. ntshetsopele ya tshebetso e etsang hore ho be le kgonahalo ya hore batho ba sebedisane le dikhompyuta.
puo ya selehae
Puo eo e leng ya sethatho ya naha.
botoloki
Tshebetso ya ho fetola se qapodisitsweng ho tswa puong ya sethatho ho iswa ho e nngwe ka tsela ya puo.
kelohloko puong
Ho ela hlooko ka moo puo e sebediswang ka teng setjhabeng, hore na ba e sebedisang ba fuwa ditokelo tsa bona tsa puo na, le hore puo e sebediswa jwang ho matlafatsa kapa hona ho amoha matla.
tekano ya puo
Ho ya ka seriti, dipuo tsohle di a lekana. Tshwaro ka ho lekana ya dipuo tse pedi kapa ho feta, haholoholo mabapi le maemo a tsona a semmuso setjhabeng jwalo ka molaong, tokeng, tsamaisong ya setjhaba le thutong.
tekano puong
Phano ka ditshebeletso ka puo ka ho lekana le/kapa tshwaro ya bobedi kapa ho feta ya tsona. Dintlha tse kang lenane la batho ba e buang le maemo ao e buuwang ho ona di ka ba le kgahlamelo leanong le hlalosang dibaka tsa tshebediso ya puo e itseng. Tshebediso ena e keke ya lekana ha kaalo. ?mmuso o keke wa sebedisa dipuo tsa baahi kaofela ka ho phethahala mme ka baka leo o ka ngotla tshebeidso ya ona ya dipuo ka ho sebedisa (di)puong tsa/ya semmuso, kapa dipuong tse itseng, ho latela tlhokeho? (Turi, 1993:14-15).
thero ya puo
Thero ya puo e tsepame hodima ditharollo mathateng a puo ka ho hlahisa dipheo, mekgwa ya ho di fihlella le diphetho. E kenyelletsa tshebetso ya ho laola le ho ntlafatsa dipuo ka ntshetsopele ya dipuo.
leano la puo
Qeto ya semmuso e mabapi le maemo a dipuo tse fapaneng tse buuwang ke bongata/ba buwang dipuo tse ngata, mohlala ke dipuo dife tse tlang ho ba tsa naha/semmuso, ke dife tse tlang ho sebediswa dikolohong le hore maemo a tsona e tla ba afe.
ditokelo tsa puo
Melao e hlalosang maemo ao baahi ba ka etsang kgetho ya puo ho ona.
diyuniti tsa puo
Makala a mmuso mafapheng le diprovenseng a sebetsanang le dintlha tse itseng ka ho qolleha tse mabapi le puo tsa lefapha leo le/kapa provense tse tswang Leanong la Naha la Puo le ho buisana le mafapha a mang ka dintlha tse mabapi le puo.
leksikhokerafi
Tshebetso kapa profeshene ya ho ngola bukantswe tshebetso ya phetolelo ka motjhini
Tshebediso ya khompyuta bakeng la phetolelo ya dingolwa tse ngotsweng ka elektroniki ho tloha puong e nngwe ho ya ho e nngwe.
puo e tinngweng monyetla
Puo le ha e le efe ya semmuso e sa kenyelletswang bakeng la ho sebediswa semmuso kapa eo tshebediso ya yona e sa kgothalletsweng dibakeng tse kgethehileng (mohlala, thutong, tlhokomelong ya tsa bophelo). ?Ho tinngwa monyetla? ha ngata ho bolela boemo bo tlase ba puo le mohlomong ba dibui tsa yona. Mohlala, Xitsonga, Tshiveda, isiNdebele le siSwati di nkuwa e le dipuo tse tinngweng menyetla Afrika Borwa.
puo ya thuto (puo e sebediswang ha ho rutwa)
Puo ya ka phaposing ya borutelo jwalo ka ha e hlahella kharikhulamong le leanong la puo. ?Puo e sebediswang ho ithuta? e bolela ho ritsa hanyane ho kenyelletsa ntlha ya hore ho ka nna ha sebediswa puo tse fetang bonngwe mme baithuti ba sebedisa e nngwe ho fapana le ya semmuso.
dipuo tse ngata
Tshebediso ya dipuo tse tharo kapa ho feta ke motho kapa ke sehlopha sa dibui tseo e leng baahi ba tikoloho e itseng kapa setjhaba.
puo ya semmuso
Puo e sebediswang mmusong, makgotleng a dinyewe, thutong, kgwebong le masedinyaneng.
phetolelo
Tshebetso ya ho fetola sengolwa ho tswa ho sa sethatho ho ya ho se seng (ka puo eo ho fetolelwang ho yona) ka mokgwa wa ho ngola.
tlotlontswe
Mantswe a lekantsweng a theknoloji a nkuweng dibakeng tse ikgethang tsa tsebo.
